Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:1 - BIBELE

1 Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona:


Davida a phutha mahosana wohle a Baiseraele, le baprista, le Balevi.


Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo.


Yaba bao e leng dihlooho tsa malapa abo bona, le mahosana a merabe ya Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba ba lekgolo, le baokamedi ba mesebetsi ya kgosi, ba a ithaopa.


Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona.


Ke ha Joshua a phutha Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona, mme a re ho bona: “Ke se ke tsofetse, le dilemo tsa ka di se di ile.


Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ