1 Dikronike 27:1 - BIBELE1 Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Bana ke bana ba Iseraele ka palo ya bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le bahlahlobi ba bona, ba neng ba sebeletsa morena tabeng tsohle tsa dihlopha, kamoo di neng di tshwanetse ho kena le ho tswa mosebetsing kateng, ka kgwedi e nngwe le e nngwe, kgweding tsohle tsa selemo; hlopha se seng le se seng e ne e le sa batho ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Davida a kgobokanya mahosana wohle a Iseraele, Jerusalema, le mahosana a merabe, le balaodi ba mabotho a sebeletsang kgosi ka dihlopha tsa wona ka ho suthelana, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le bahlokomedi ba maruo wohle le matlotlo wohle a kgosi, le bahlokomedi ba bara ba kgosi, le bahlanka bohle, le banna ba dinatla, le bahale.