Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:4 - BIBELE

4 Bara ba Obede-Edomo e ne e le Shemaya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jehosabada, wa boraro e le Jowa, wa bone e le Sakara, wa bohlano e le Netanele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Haele bara ba Obed-Edomo, letsibolo la hae ke Shemaia, wa bobedi Josabade, wa boraro Jowa, wa bone Sakare, wa bohlano Nethaneele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:4
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.


Areka eo ya Morena ya qeta kgwedi tse tharo e le ha Obede-Edomo wa Mogate. Morena a hlohonolofatsa Obede-Edomo le bohle ba ntlo ya hae.


Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.


Areka eo ya Modimo ya qeta kgwedi tse tharo e le moo ha Obede-Edomo, ka tlung ya hae. Morena a hlohonolofatsa lelapa la Obede-Edomo le tsohle tseo a neng a ena le tsona.


Ba ba hlahlamang ka boemo ya eba Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jeiele, le Uni, le Eliabe, le Benaya, le Maasiya, le Matiteya, le Elefelehu, le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, e leng balebedi ba monyako.


Bo-Matiteya le Elefelehu le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, le Asasiya ba letsa diharepa tse lentswe le letenya.


Baprista, bo-Shebaniya, le Jehoshafate, le Netanele, le Amasai, le Sekariya, le Benaya, le Eleesere, bona ba ne ba letsa diterompeta ba le kapele ho areka ya Modimo. Bo-Obede-Edomo le Jehiya e ne e le balebedi ba areka.


A bea Obede-Edomo le bana babo ba mashome a tsheletseng a metso e robedi hore ba ba thuse. Bo-Obede-Edomo, mora wa Jedutune, le Hosa ya eba balebedi ba monyako.


Asafo ya eba yena hlooho, a hlahlangwa ke Sekariya. Bo-Jeiele, le Shemiramote, le Jehiele, le Matiteya, le Eliabe, le Benaya, le Obede-Edomo, le Jeiele, bona ba ne ba letsa dikatara, le diharepa, athe Asafo yena o ne a letsa matlheretlhere.


wa bohlano e le Elame, wa botshelela e le Jehohanane, wa bosupa e le Eleunai.


wa botshelela e le Amiele, wa bosupa e le Isakare, wa borobedi e le Peuletai, ho ya kamoo Modimo a neng a hlohonolofaditse Obede-Edomo kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ