Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:32 - BIBELE

32 Bang ka yena, ba dikete tse pedi le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba laelwa ke Davida hore ditabeng tsohle tsa borapedi, le tsa puso, ba okamele ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le ba karolo ya morabe wa Manase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Jeria, hlooho, le banababo e neng e le banna ba bahale, ba ne ba etsa kete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a dihlooho tsa matlo a bontata bona. Morena Davida a ba bea bahlahlobi ba Barubene, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Modimo le mesebetsi ya morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:32
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le karolo ya ba morabe wa Manase, ba neng ba le ka botjhabela ho Jorodane, ba ne ba le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba hlometse ka mefuta yohle ya dihlomo.


Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.


Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.


Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


“Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.”


Joshua a bua ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho karolo e nngwe ya ba morabe wa Manase, a re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ