Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:26 - BIBELE

26 Ke bo-Shelomite le bana babo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a dimpho tse abetsweng Morena, tseo kgosi Davida, le dihlooho tsa malapa, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le balaodi ba mabotho, ba ileng ba di abela Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le tsona kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera le kgauta eo a e hapileng ho ditjhaba tsohle tseo a ileng a di hlola,


Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.


“Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.


Bang ka yena, ba tswetsweng ke Eleesere, ke bana: Eleesere a tswala Rehabeya, Rehabeya a tswala Jeshaya, Jeshaya a tswala Jorame, Jorame a tswala Sikeri, Sikeri a tswala Shelomite.


Dinthong tse ileng tsa hapuwa ntweng, ba fana ka tse ding hore di tle di sebediswe Tempeleng ya Morena.


Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari,


Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.


Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.


Ba malapa a balebedi ba Tempele, e leng ditloholo tsa Shalome, le Atere, le Talamone, le Akube, le Hatita, le Shobai, e ne e le lekgolo le mashome a mararo a metso e robong.


Ba phetha mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa ho hlwekisa. Dibini le balebedi ba menyako le bona ba ne ba etsa jwalo, ho ya ka taelo ya Davida le ya Solomone mora wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ