Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:12 - BIBELE

12 Dihlopha tsena tsa balebedi ba menyako, di le tlasa baokamedi ba tsona, di ne di abetswe ho sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, sehlopha ka seng se sebeletsa jwaloka tse ding.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Dihlopha tseo tsa balebedi ba menyako, ka ho ya ka dihlooho tsa bona, tshebetso ya bona e ne e le ho lebela ntlo ya Jehova hammoho le banababo bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”


Batjha le maqheku, baruti le barutuwa, ba abelwa mosebetsi ka lotho, ka ho tshwana.


Mora wa bobedi e ne e le Hilekiya, wa boraro e le Tebaleya, wa bone e le Sekariya. Kaofela bara ba Hosa le baena ba hae ba ne ba le leshome le metso e meraro.


Monyako ka mong wa kgethelwa balebedi ba wona ka lotho, ho ya ka malapa abo bona, ha kgethwa ba baholo le ba banyenyane.


Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.


Kore, mora wa Jimena wa Molevi, e ne e le molebedi wa monyako o ka botjhabela. O ne a hlokomela dinyehelo tsa boithaopo tse nyehellwang Modimo, e le yena ya abang dinyehelo tsa Morena le dintho tse halalelang ka ho fetisisa.


Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ