Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 26:1 - BIBELE

1 Dihlopha tsa balebedi ba menyako di ne di eme tjena: Ho bara ba Kora e ne e le Meshelemiya, mora wa Kore, e mong wa bara ba Asafo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele balebedi ba menyako, kamoo ba ileng ba etswa dihlopha kateng ho Bakore, e ne e le Meshelemia, mora Kore, wa bara ba Asafe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 26:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ba hlahlamang ka boemo ya eba Sekariya, le Jaasiele, le Shemiramote, le Jeiele, le Uni, le Eliabe, le Benaya, le Maasiya, le Matiteya, le Elefelehu, le Mikeniya, le Obede-Edomo, le Jeiele, e leng balebedi ba monyako.


Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.


La mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Romameti-Esere, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


Bara ba Meshelemiya e ne e le Sekariya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jediaele, wa boraro e le Sebadiya, wa bone e le Jateniele,


Meshelemiya le yena o ne a ena le bara, le baena ba matla, ba leshome le metso e robedi.


Sofonea mora wa Tahate, Tahate mora wa Asire, Asire mora wa Abiasafo, Abiasafo mora wa Kora,


Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari,


A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona.


Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ