Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 25:6 - BIBELE

6 Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bao kaofela ba ne ba le tsamaisong ya ntata bona, ba tle ba bine tlung ya Jehova, ba ntse ba ithusa ka disimbala le diviole le diharepa, ho etsa tshebetso ya ntlo ya Modimo. Haele Asafe le Jeduthune le Hemane, ba ne ba laelwa ke morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 25:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba etsa motjeko kapele ho Morena, ba letsa diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka sefate sa modutu; ba letsa le diharepa, le dikatara, le meropa, le merutlhwana, le matlheretlhere.


Ka difate tsena tsa alemaka kgosi ya etsa mehato e nyolohelang ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi; ya etsa le diharepa le dikatara tsa dibini. Ha ho a ka ha hlola ho tliswa difate tsa alemaka tse kang tsena; le ho bonwa ha di eso bonwe ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Davida a buisana le bao e leng dihlooho tsa Balevi, hore ba kgethe bana babo bona ba tla bina ka diletsa, e leng dikatara, le diharepa, le matlheretlhere, ba bine haholo, ba thabile.


Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose.


Kenaniya, eo e neng e le hlooho ya Balevi, o ne a okametse dibini, a di ruta mmino, kaha e ne e le kgeleke.


Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe.


Ba kena motseng wa Jerusalema, ka Tempeleng ya Morena, ba ntse ba letsa dikatara, le diharepa, le diterompeta.


A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


le Shimeri, le Jeiele, e leng bara ba Elesafane, le Sekariya le Mataneya, e leng bara ba Asafo,


Ho latela taelo ya Davida, le ya Gade, senohe sa kgosi, le ya moporofeta Nathane, kgosi Hesekiya a bea Balevi ditulong tsa bona, ka Tempeleng ya Morena, ba nkile matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, hobane hona e ne e le taelo ya Morena, eo a e entseng ka baporofeta ba hae.


Mataneya, mora wa Mmika, Mmika ya tswetsweng ke Sabedi, Sabedi ya tswetsweng ke Asafo, yena e ne e le motsamaisi wa dibini le moetapele wa dithapelo. Bakabukiya e ne e le motlatsi wa Mataneya. Hape e le Abada, mora wa Shamua, Shamua ya tswetsweng ke Galale, Galale ya tswetsweng ke Jedutune.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.


Kgale, mehleng ya Davida, le ya Asafo, ho ne ho ntse ho ena le batsamaisi ba dibini tse binang dipina tse rorisang, le tse lebohang Modimo.


Bohle ba bona mekoloko ya hao, Modimo, mekoloko ya Modimo wa ka, kgosi ya ka, mekoloko e kenang Sehalalelong.


Kgothatsanang ka dipesalema, difela le dipina tse halalelang; rokang Morena, mme le mminele dipesalema ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ