Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 25:4 - BIBELE

4 Hara bara ba Hemane teng e ne e le Bukiya, le Mataneya, le Usiele, le Shebuele, le Jerimote, le Hananiya, le Hanani, le Eleata, le Gidaleti, le Romameti-Esere, le Joshebekasha, le Maloti, le Hotire, le Mahasiote.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ho Hemane, bara ba Hemane ke Bukkia, Matthania, Usiele, Shebuele, Jerimothe, Hanania, Hanani, Eliatha, Giddalthi, le Romamthi-Esere, Joshbekasha, Mallothi, Hothire, le Mahasiothe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 25:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.


Dibini tsena, bo-Hemane le Asafo, le Etane, tsa kgethelwa hore di letse matlheretlhere a lethose.


Bara ba bang ba Levi e ne e le bana: Shubaele e ne e le e mong wa bara ba Amorame; Jehedeya e le e mong wa bara ba Shubaele.


Ho bara ba Usiele e ne e le Mmika; ho bara ba Mmika e le Shamire.


Bara ba Mushi e ne e le Mahele, le Edere, le Jerimote. Bana e ne e le bona Balevi ho ya ka malapa abo bona.


La botshelela la ntsha Bukiya, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


La leshome le metso e meraro la ntsha Shubaele, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


La leshome le metso e mehlano la ntsha Jerimote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


La mashome a mabedi a motso o mong la ntsha Hotire, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa.


La mashome a mabedi a metso e meraro la ntsha Mahasiote, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


La mashome a mabedi a metso e mene la ntsha Romameti-Esere, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


Bana bohle e ne e le bara ba Hemane, senohe sa kgosi ditabeng tsa Modimo. Modimo a matlafatsa Hemane ka ho mo fa bara ba leshome le metso e mene, le baradi ba bararo.


Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,


Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Thothokiso e nang le thuto, ya Hemane wa Moesera. E qapetswe motsamaisi wa dibini. Ke ya nakong ya malwetse le matshwenyeho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ