1 Dikronike 25:3 - BIBELE3 Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)3 Ho Jeduthune, bara ba Jeduthune ke Gedalia, Tseri, Esaia, Hashabia, le Matthithia; ba tsheletse; ba le tsamaisong ya ntata bona Jeduthune, ya neng a porofeta ka harepa, ho leboha le ho rorisa Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.