1 Dikronike 24:3 - BIBELE3 Davida a ba arola dihlopha, ho ya ka mosebetsi oo ba neng ba o abetswe. Ha a ba arola o ne a thusitswe ke Sadoke, setloholo sa Eleasare, le Ahimeleke, setloholo sa Itamare. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)3 Davida hammoho le Tsadoke wa bara ba Eleasare, le Akimeleke wa bara ba Ithamare, ba arola baprista ka dikabelo tsa bona tsa tshebetso. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho, ba ne ba le bangata ho feta bara ba Itamare, mme ba arolwa jwalo. Hara bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le leshome le metso e tsheletseng, mme hara bara ba Itamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona ba ne ba le robedi.
Mongodi ya bitswang Shemaya, mora wa Netanele, e leng e mong wa Balevi, a ngola mabitso a bona bukeng, moo kgosi, le mahosana, le moprista Sadoke, le Ahimeleke, mora wa Abiatare, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Ho ne ho ye ho ngolwe lelapa le le leng la Eleasare, ho ngolwe le le leng la Itamare, jwalojwalo.
Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.