1 Dikronike 24:1 - BIBELE1 Dihlopha tsa bara ba Arone ke tsena: Bara ba Arone e ne e le Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)1 Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.
Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.