1 Dikronike 23:5 - BIBELE5 Ba dikete tse nne ya eba balebedi ba menyako, mme ba dikete tse nne hape ba rorisa Morena ka diletsa tseo Davida a neng a laele hore di etswe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.
Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.