Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 23:32 - BIBELE

32 Ka tsela ena ba ne ba hlokomela Tente ya Morena, le Sehalalelo, mme ba thusa bara ba Arone, e leng bana babo bona, ho hlokomela ditshebeletso tsa Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 23:32
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baprista le Balevi ba nyolla areka ya Morena, le Tente ya Morena, le dintho tsohle tse halalelang, tse neng di le ka Tenteng ya Morena.


Ba ne ba qeta bosiu ba potapotile Tempele ya Modimo, hobane ba ne ba laetswe ho e lebela, le ho e bula hoseng ho hong le ho hong.


Empa ke tla ba etsa basebeletsi ba Tempele, ba etse mesebetsi yohle ya yona, ba etse le tsohle tse lokelang ho etswa ka ho yona.’ ”


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


Le tla hlokomela Sehalalelo, le hlokomele le aletare, hore kgalefo ya Morena e se hlole e wela bana ba Iseraele hodimo.


Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.


Feela ba ka nna ba thusana le bana babo bona ka Tenteng ya Morena ho hlokomela tse sebediswang, empa ha ba na ho sebeletsa. Balevi o tla ba etsa tjena, malebana le mosebetsi wa bona.”


o tla sebeletsa ka lebitso la Morena Modimo wa hae, jwaloka bana babo ba Balevi, ba emeng moo, kapele ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ