1 Dikronike 23:31 - BIBELE31 leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)31 le ho hlahisetsa Jehova ditjheso tsohle, mohla Disabatha, le dikgwedi tse thwasang, le mekete, ka palo ya tsona, ka ho ya ka mokgwa wa ntho tseo, ka ho sa feleng pela Modimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.
Mohla matsatsi a lona a thabo, le mohla mekete ya lona e kgethehileng, le mohla dikgwedi tsa lona di thwasang, le tla letsetsa diterompeta tsa lona hodima dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le hodima mahlabelo a lona a nyehelo ya teboho. Tsena e tla ba kgopotso ya lona kapele ho Modimo wa lona. Ke nna Morena Modimo wa lona.”