1 Dikronike 23:29 - BIBELE29 Ba ne ba hlokomela le bohobe bo halalelang, ba hlokomela le phofo e thumisehileng ya nyehelo ya dijo, le dikuku tse sa lomoswang, le tsohle tsa dipane, le tse neng di hadikwa, le tsohle tse neng di sebediswa ha ho lekanngwa bongata kapa boholo ba ntho. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)29 le ho bona mahobe a pontsha, le lefi la phofo ya dinyehelo, le maqebekwane a se nang ditomoso, le tse phehwang paneng, le tse beswang, le ditekanyo tsa boholo le tsa bongata. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hoseng ho hong le ho hong, le ka phirimana e nngwe le e nngwe, ba nyehella Morena ka dinyehelo tsa setjheso, le ka mokubetso o monko o monate. Ba bile ba bea bohobe bo halalelang hodima tafole e hlwekileng; ba bonesa le mabone a hodima didulwana tsa kgauta, hore a tuke ka phirimana e nngwe le e nngwe, hobane re boloka taelo ya Morena Modimo wa rona, empa lona le mo furaletse.
le bakeng sa bohobe bo halalelang, le nyehelo ya dijo ya letsatsi ka leng, le nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, le nyehelo ya ho thwasa ha kgwedi, le nyehelo ya mekete e kgethehileng, le nyehelo ya dintho tse halalelang, le nyehelo e tlosang sebe ho etsetsa setjhaba sa Iseraele tefelo ya sebe, bakeng sa mesebetsi yohle ya Tempele ya Modimo.