Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 23:24 - BIBELE

24 Bana ke bara ba Levi, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. E ne e le dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, mme ba ngotswe ka bomong bukeng ya mabitso. Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, ho tloha ha ba le dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke bona bara ba Levi ka matlo a bontata bona; ke tsona dihlooho tsa matlo a bontata bona, kamoo ba kileng ba ngolwa kateng, ha ho balwa mabitso a bona ka ho ya ka dihlooho. Ba ne ba etsa mosebetsi wa tshebetso ya ntlo ya Jehova, ba qala ha ba le dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 23:24
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Mushi ba ne ba le bararo, e le Mahele, le Edere, le Jeremote.


Ka taelo ya ho qetela ya Davida, ha balwa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Ha balwa Balevi ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo. Palo ya bona, ha ba balwa ka bomong, ya eba dikete tse mashome a mararo a metso e robedi.


Lenane la leloko la baprista le ne le hlophisitswe ho ya kamoo malapa abo bona a ngodisitsweng kateng bukeng ya lenane la leloko. Balevi bona, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, ba ne ba hlophisitswe ho ya ka mesebetsi ya bona le dihlopha tsa bona.


Ka kgwedi ya bobedi ya selemo sa bobedi ba fihlile Tempeleng ya Modimo Jerusalema, Serubabele, mora wa Shealetiele, le Jeshua, mora wa Josadake, le bana babo bona ba bang, e leng baprista le Balevi, le bohle ba fihlileng Jerusalema, bao e neng e le bathopuwa, ba qala mosebetsi. Ba kgetha Balevi, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, hore ba okamele mosebetsi wa ho haha Tempele ya Morena.


Hoba lerako le hahwe, ka kenya mamati, ha kgethwa balebedi ba menyako, le dibini, le Balevi.


Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, ba kgobokanya setjhaba sohle. Monna e mong le e mong, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, a bolela lebitso la hae le leloko la hae, ho ya ka morabe wa hae le lelapa la hae.


Ha balwa bana ba Simeone, ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong.


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


Le tla hlokomela Sehalalelo, le hlokomele le aletare, hore kgalefo ya Morena e se hlole e wela bana ba Iseraele hodimo.


Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


“Bala bana ba Levi ho ya ka matlo a bo-ntata bona, le ka malapa abo bona; o bale e mong le e mong e motona, ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”


Bara ba Merari, ho ya ka malapa abo bona: Mahele, le Mushi; ana ke malapa a Balevi ho ya ka matlo a bo-ntata bona.


o tla nka silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, o e nke bakeng sa e mong le e mong wa bona. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a bahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


“Ona ke molao ho Balevi: Ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ho ya hodimo, Balevi ba tla kena lenaneng la ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ