Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:5 - BIBELE

5 Davida a re: “Solomone, mora wa ka, o sa le monyenyane, o a tetema, mme Tempele e lokelang ho hahelwa Morena e tshwanela ho ba ntle haholo, e tume, e tlotlwe ke dinaha tsohle. Ha ho le jwalo, ke tla qalella ho etsa ditokiso tsa hore e tle e hahwe.” Kahoo, yare Davida a eso ka a eshwa, a etsa ditokiso tse kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida o ne a re: Mora ka Salomone o sa le motjha, o sa le monyenyane, mme ntlo e tla hahelwa Jehova e ka kgona e phahame haholo ka botumo le ka kganya mafatsheng wohle; ha ho le jwalo, ke tla mo lokisetsa yona. Kahoo, Davida a lokisa tse ngata, a eso ho shwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:5
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Wena, Morena Modimo wa ka, o entse hore nna mohlanka wa hao, ke be kgosi, ke hlahlame Davida, ntate. Empa nna ke sa le ngwana, ha ke tsebe hore na ho buswa jwang.


Ntlo ena, leha e phahame hakana, e tla fetoha lesupi. Bohle ba fetang pela yona ba tla kgotsa, ba nyeketholotse, ba re: ‘Ke ka lebaka lang Morena a entseng naha ee tjee, le ntlo ee tjee?’


Kgosi Davida a boela a re ho setjhaba sohle: “Solomone, mora wa ka, eo e leng yena feela eo Modimo a mo kgethileng, o sa le monyenyane, o a tetema, athe mosebetsi o moholo, hobane Tempele ena hase ya motho, empa ke ya Morena Modimo.


Banna ba ditlokotsebe, ba baikaketsi, ba bokanetse Jeroboame, mme Jeroboame o fetohetse Rehoboame, mora wa Solomone, ya ntseng a tetema, ya sitwang ho itwanela.


Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.


“Tempele ena eo ke tla e haha e kgolo hobane Modimo wa rona o moholo ho feta medimo yohle.


“Hape o nthomelle difate tsa dikedare, le tsa modutu, le tsa alemaka, tse tswang Lebanone. Ke a tseba hore bahlanka ba hao ke ditsebi tsa ho rema difate, moo Lebanone, mme bahlanka ba ka ba tla sebetsa le ba hao,


Tempele ena, leha e phahame hakana, bohle ba fetang pela yona ba tla e kgotsa, ba re: ‘Ke ka baka lang Morena a entseng naha ee tjee, le Tempele ee tjee?’


Empa baprista, le Balevi, le dihlooho tsa malapa, bao e neng e se e le maqheku, ba neng ba ile ba bona ha motheo wa Tempele ya pele o ralwa, ba lla haholo, ha ba bona ho ralwa motheo wa Tempele ena, empa ba bangata bona ba etsa ditlatse tsa thabo.


Ha ke ne ke le ngwana ya ratwang ke ntatae, ngwana ya mong feela, sebokotswa-ke-mmae,


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Tempele e halalelang, e tlotlehang ya rona, moo o neng o rorisetswa teng, o roriswa ke baholoholo ba rona, e tjhesitswe ka mollo, ya re lore! Tsohle tsa bohlokwa di fetohile masupi.


Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.


‘Na ho sa na le ya mong hara lona ya ka hopolang kamoo Tempele ee e neng e le ntle kateng mehleng ya pele? Kajeno le e bona e le jwang? Na ha le bone e se letho?


‘Tlotla ya Tempele ena e ntjha e tla feta tlotla ya Tempele ya pele,’ ho rialo Morena wa mabotho. ‘Ke tla tlisa kgotso ka tlung ena,’ ho rialo Morena wa mabotho.”


Yare ha ba bang ba bua ka Tempele, ba re e kgabisitswe ka majwe a matle le ka dinyehelo, Jesu a re:


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


Eka kgona yena a hole, empa nna ke nyenyefale.”


Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ