Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:3 - BIBELE

3 A bokella le tshepe e ngata, e tla etsa dipekere tsa mamati a menyako, le tsa manonyeletso a wona, le lethose le lengata hoo le neng le ke ke la lekanngwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hape, Davida o ne a se a lokisitse tshepe e ngata ya ho etsa dipekere tsa mamati a menyako le tsa ho kopanya tse kopanngwang, le koporo e ngata eo ho seng kamoo boima ba yona bo neng bo ka lekanngwa kateng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:3
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dintho tsena tsohle Solomone a se ke a di bea sekaleng, hobane di ne di le ngata haholo; le boima ba lethose bo ne bo sa tsejwe.


“Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.


Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe.


Bakeng sa mesebetsi ya Tempele ya Modimo ba fana ka kgauta eo boima ba yona bo fetang dithane tse lekgolo le mashome a supileng, le silefera eo boima ba yona bo fetang dithane tse makgolo a mararo le mashome a mane, le lethose le etsang boima bo ka bang dithane tse makgolo a tsheletseng le mashome a mabedi, le tshepe eo boima ba yona bo fetang dithane tse dikete tse tharo le makgolo a mane.


Solomone o ile a etsa dintho tsena di le ngata; le boima ba lethose leo di entsweng ka lona bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


naha e sa hlokeng letho, eo ho yona le tla ja, le se ke la hloka letho, naha eo majwe a yona a nang le tshepe, eo dithabeng tsa yona le tlang ho tjheka lethose.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ