Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:14 - BIBELE

14 “Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O ka bona, bonyenyaneng ba ka, ke lokiseditse ntlo ya Jehova kgauta e ditalenta tse dikete tse lekgolo, le silefera e ditalenta tse dikete tse sekete, le koporo le tshepe tse se nang ho lekanngwa, kahobane di ngata haholo. Ke lokisitse le difate le majwe, mme o tla boela o ekeletse teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo se seng le se seng kgosi Solomone o ne a fumana kgauta e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro,


Dintho tsena tsohle Solomone a se ke a di bea sekaleng, hobane di ne di le ngata haholo; le boima ba lethose bo ne bo sa tsejwe.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka, le ditshehetso tseo Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


Etswe o na le basebetsi ba bangata: ba thuang majwe, le ba a betlang, le ba betlang mapolanka, le mefuta yohle ya ditsebi tsa mesebetsi yohle.


A bokella le tshepe e ngata, e tla etsa dipekere tsa mamati a menyako, le tsa manonyeletso a wona, le lethose le lengata hoo le neng le ke ke la lekanngwa.


Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe.


Boima ba lethose lohle le entseng ditshiya tse pedi, le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona, le ditshehetso tseo kgosi Solomone a neng a di etseditse Tempele ya Morena, bo ne bo ke ke ba lekanngwa.


Boima ba mokeke o mong le o mong e ne e le kilo e le nngwe le halofo; ba sekotlolo se seng le se seng e le dikeramo tse makgolo a robedi. Boima ba silefera ya dijana kaofela e ne e le kilo tse mashome a mabedi a metso e supileng le dikeramo tse mashome a tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.


Di bile hara teko e matla ya matshwenyeho, empa ka baka la thabo ya tsona e kgaphatsehang, di ile tsa fana ka matsoho a mabedi, leha di futsanehile hakaalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ