Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 22:11 - BIBELE

11 “Jwale he, mora ka, Morena a ke a be le wena, a o atlehise, o tle o tsebe ho hahela Morena Modimo wa hao, Tempele, jwalokaha a itse o tla etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 22:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bongata ba kgauta, le silefera, le lethose, le tshepe, ke bo ke keng ba balwa. O eme ka maoto, o sebetse, mme Morena a ke a be le wena.”


Davida a boela a re ho mora wa hae Solomone: “Eba monna, o be sebete, o etse jwalo. O se ke wa tshaba, kapa wa tsieleha, hobane Morena Modimo, e leng Modimo wa ka, o tla ba le wena. Ha a ka ke a o lahla, kapa a o furulla, ho fihlela o qeta mosebetsi wohle wa ho haha Tempele ya Morena.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


“Jwale Morena o phethahaditse polelo eo a neng a e bue, hobane ke tswetswe tlung ya Davida, ntate. Ke dutse terone ya Iseraele jwalokaha Morena a ne a tshepise, mme ke bile ke hahetse Morena Modimo wa Iseraele Tempele.


Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Jwale Modimo ya re fang kgotso a ke a be le lona bohle. A ho be jwalo!


Morena a ke a be le moya wa hao. Mohau o ke o be le lona.


Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”


Empa haeba ntate a ikemiseditse ho o etsa hampe, Morena le yena a nketse jwalo, le ho feta moo, haeba nna nke ke ka o tsebisa, ka ba ka o lokolla hore o itsamaele ka kgotso. Morena a ke a be le wena jwalokaha a bile le ntate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ