Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:8 - BIBELE

8 Yaba Davida o re ho Modimo: “Ke entse sebe se seholo ka ho etsa ntho ena. Empa jwale ke a o rapela: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Davida a re ho Modimo: Ke sitilwe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale, oho, tlosa bokgopo ba mohlanka wa hao, hobane ke entse ka bothoto bo boholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.


Davida a re ho Nathane: “Ke sitetswe Morena.” Yaba Nathane o re ho Davida: “Le Morena o hlakotse sebe sa hao; ha o na ho shwa.


Nka shebana le batho jwang, ke dihlong? Le wena o tla ba e mong wa banna ba kgopo naheng ya Iseraele. Ka baka lena, ako buisane le kgosi, ke a o kopa, hobane ha e ka ke ya o hanela ka nna.”


Hoba Davida a bale setjhaba, letswalo la hae la mo ja, yaba o re ho Morena: “Ke o sitetswe haholo ka seo ke se entseng. Empa jwale ke a o rapela, Morena: Ako hlakole bokgopo bona ba mohlanka wa hao, hobane ke sebeditse ka bothoto bo boholo.”


Ketso ena ya Davida ya se ke ya kgahla Modimo, mme ka baka leo, a otla Baiseraele.


A re ho bona: “Le nkeletsa hore setjhaba see ke se arabe jwang, se itseng: ‘Ako re imolle mosebetsi oo ntatao a ileng a re imetsa ka wona’?”


Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo.


Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena, ka se ke ka pata molato wa ka; ka re: “Ke tla ipolela ditlolo tsa ka ho Morena;” wena wa ntshwarela molato wa sebe sa ka.


Dumela feela molato wa hao, Hore o fetohetse Morena, Modimo wa hao, rato la hao, wa le hafela medimo esele, wa le hafa o le tlasa difate di le talana; esita le nna ha o a ntlhompha,” ho rialo Morena.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.


Yaba Samuele o re ho Saule: “O sebeditse ka bothoto. Ha o a ka wa boloka molao wa Morena Modimo wa hao, oo a o laetseng wona. Hoja o entse jwalo, Morena a ka be a hlomamisitse mmuso wa hao, hore e be wa kamehla yohle.


Yaba Saule o re: “Ke entse sebe; kgutla Davida, mora wa ka; ha ke sa tla hlola ke o etsa letho, hobane ka letsatsi lena bophelo ba ka e bile ntho ya bohlokwa mahlong a hao. Ke a bona hore ke sebeditse ka bothoto, mme ke entse phoso e kgolo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ