Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:23 - BIBELE

23 Orenane a re ho Davida: “Se nke feela, monga ka, kgosi ya ka, o etse ka sona kamoo o ratang kateng. Ke bile ke o fa le dipholo tsena hore o etse nyehelo ya setjheso ka tsona; ke o fa le selei sena se polang hore o etse patsi ka sona, le koro hore o etse nyehelo ya dijo ka yona. Tsena tsohle ke o fa tsona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ornane a re ho Davida: Inkele sona, mme morena, monga ka, a etse kahohle kamoo a ratang kateng. Bona, ke o nea pholo tseo ho etsa ditjheso ka tsona, le mesebetsi ya ho pola ho etsa patsi, le koro ho etsa nyehelo; ke o nea tsona kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:23
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elisha o a kgutla, o nka dipholo tsa hae tsa sepane, o a di hlaba. A besa mollo ka dijoko, a pheha nama ya dipholo, a e fa batho, yaba ba a ja. Jwale yena a tsamaya, a sala Elia morao, mme a mo sebeletsa.


Davida a re ho yena: “Nnee seotlo sena ke tle ke hahele Morena aletare ho sona, e le hore sewa se tle se kgaotse setjhabeng. O nthekisetse sona ka theko ya sona.”


Empa kgosi Davida a re ho Orenane: “Tjhe, ke tla di reka ka theko ya tsona, hobane nke ke ka nka dintho tsa hao ke di nkela Morena, empa ke sa di reka; leha e le nyehelo ya setjheso nke ke ka e etsa ka tseo ke sa di rekang.”


“Yaba Hanamele, mora wa rangwane, o fihla ho nna ka lebaleng la tjhankana, ho ya ka polelo ya Morena, o re ho nna: ‘Ako reke tshimo ya ka e Anatote, naheng ya Benjamine hle, hobane o na le tokelo ya bojalefa le ya ho lopolla. Ithekele yona.’ “Yaba ke a tseba, he, hore lena ke lona lentswe la Morena.


Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ