Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:2 - BIBELE

2 Davida a re ho Joabe le ho balaodi ba mabotho: “Tsamayang, le yo bala Baiseraele ho tloha Beeresheba, ho ya fihla Dane; le ntlisetse palo ya bona, ke tle ke e tsebe.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Davida a re ho Joabe le ho balaodi ba setjhaba: Eyang, le bale Baiseraele ho qala ka Beerseba ho ya fihla Dane, mme le ntsebise palo ya bona hore ke e tsebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


“Nna ke o eletsa hore o kgobokanye Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, e be letshwele le lengata jwaloka lehlabathe lebopong la lewatle; ebe wena ka sebele sa hao o a futuha.


Jwale Morena a romela sewa naheng ya Iseraele, sa qala ha bosiu bo esa, mme sa kgaotsa ka letsatsi le beilweng. Ho tloha Dane, ho ya fihla Beeresheba, sewa seo sa bolaya Baiseraele ba dikete tse mashome a supileng.


e leng ho amoha ntlo ya Saule mmuso, le ho bea Iseraele le Juda tlasa terone ya Davida, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba.”


Pusong yohle ya Solomone, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, ba morabe wa Juda le wa Iseraele ba ne ba phela ka kgotso, motho ka mong a dula tlasa sefate sa hae sa morara, kapa sa feiye.


Ba etsa taelo ya hore naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beeresheba ho ya fihla Dane, ho phatlalatswe hore batho ba tle Jerusalema ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka, hobane e ne e le ba mmalwana feela ba neng ba e keteka jwalokaha ho ngotswe.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.


Bana bohle ba Iseraele, ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, le naheng ya Gileade, ba tsamaya. Setjhaba sa phuthehela Misepa ho Morena, sa iketsa kgokanyana phiri.


Ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, Baiseraele bohle ba tseba hore Samuele o beilwe hore e be moporofeta wa Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ