Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 21:15 - BIBELE

15 Modimo a romela lengeloi Jerusalema ho ya e timetsa, empa yare ha le ntse le e timetsa, Morena a bona, mme a hauha ha a nahana koduwa eo, a re ho lengeloi le neng le ntse le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi la Morena le ne le eme seotlong sa Orenane wa Mojebuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Modimo wa romela lengeloi Jerusalema ho timetsa batho ba teng; la re le sa ntsane le bolaya, Jehova a bona, a swaba ke tshenyeho eo, mme a re ho lengeloi le bolayang: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Ornane Mojebuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 21:15
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane re lekgatheng la ho se timetsa! Sello se qosang motse ona se seholo kapele ho Morena, mme Morena o re rometse ho tla o timetsa!”


Morena a swaba ha a ile a etsa motho lefatsheng, pelo ya hae ya utlwa bohloko.


Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.


Ka lona letsatsi leo Gade a fihla ho Davida, a re ho yena: “Nyolohela seotlong sa Arauna wa Mojebuse, o hahele Morena aletare hona teng.”


Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe.


Empa yena, ka ho ba utlwela bohloko, a ba tshwarela molato wa bona, a se ke a ba timetsa; ka makgetlo a kokobetsa kgalefo ya hae, bohale ba hae ba se ke ba tlokoma.


Ako boele o re hopole, Morena! O tla dieha ho fihlela neng? Qenehela bahlanka ba hao. E sa le hoseng,


Yaba Morena o fetola morero wa hae wa ho timetsa setjhaba sa hae.


Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”


“Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: “ ‘Sione e tla lengwa jwalokaha eka ke tshimo, Jerusalema yona e fetohe diqubu tsa majwe, leralla leo Tempele e hahilweng hodima lona le fetohe tututswana e aparetsweng ke moru.’


Ke ka baka lang ha o porofeta ka lebitso la Morena, o re: ‘Tempele ena e tla tshwana le Shilo, motse ona o tla fetoha lesupi, o hloke baahi?’ ” Yaba setjhaba sohle se bokanela Jeremia ka Tempeleng ya Morena.


“ ‘Hona jwale eyang sebakeng sa ka se Shilo, moo ke neng ke qale ho etsetsa Lebitso la ka Leaho teng, le bone seo ke neng ke se etse sebakeng seo ka baka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Yaba Morena o a hauha, o re: “Sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena.


Yaba Morena Modimo o a hauha, o re: “Le sena se ke ke sa etsahala,” ho rialo Morena Modimo.


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


Yaba o rapela Morena, o re: “Ke a o rapela, oho, Morena, na see hase seo ke ileng ka se bolela ke sa le haeso? Ke ka lebaka leo ke ileng ka itlhahanela ho balehela Tarashishe. Ke tsebile hore o Modimo ya mosa, ya nang le kutlwelobohloko; o dieha ho halefa, o tletse mohau, o dieha ho otla.


Ha a kgutlela ho bona kgetlo la boraro, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Ho lekane. Nako e fihlile. Bonang, Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.


Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.


Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.


E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.


“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ