1 Dikronike 21:12 - BIBELE12 Ho be le sekoboto ka dilemo tse tharo; kapa ka nako ya kgwedi tse tharo o balehe dira tsa hao ha di ntse di o manakisa ka disabole; kapa, ho seng jwalo, ka matsatsi a mararo Morena a o futuhele ka sabole ya hae, e leng hore a dihele naha ee sewa, lengeloi la Morena le tsamaye hohle kahare ho naha ya Iseraele, le ntse le timetsa tsohle?’ Ka baka leo, inahanele karabo eo ke tla e isetsa ya nthomileng.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)12 kapa lemo tse tharo tsa tlala, kapa kgwedi tse tharo tsa ho bolawa ke dira tsa hao, o qetwe ke sabole ya ba o hloileng, kapa tshiu tse tharo tseo ka tsona lerumo la Jehova le lefu la sewa le tla senya naheng ya Baiseraele, mme lengeloi la Jehova le tla timetsa batho naheng yohle ya bona. Jwale, bona hore na ke tla busetsa karabo efe ho ya nthomileng! အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |