Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 2:55 - BIBELE

55 Ena ke merabe ya bangodi ba neng ba ahile Jabese: Batire, le Bashima, le Basuka. Bana ke bona Bakene ba tswetsweng ke Hamate, e leng ntata ba lelapa la Rekabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

55 Haele masika a bangodi ba neng ba ahile Jabetse, ke Bathireathe, Bashimeathe, le Basukathe. Ke bona Bakene ba tswileng ho Hamathe hlooho ya ntlo ya Rekabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 2:55
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?” Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!” Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa.


Bana ke ditloholo tsa Salema: Betlelehema, Banetofa, le Atarote-Bete-Joabe, le halofo ya morabe wa Bamanahate, le Basora.


Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele;


Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa.


Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa,’ ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.”


“ ‘Le ka bua jwang, la re: “Re hlalefile, hoba Molao wa Morena re a o tseba?” Bonang, Ditsebi tsa Molao di o sokamisitse, pene tsa tsona di o fetotse leshano.


Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.


Jwale Hebere wa Mokene o ne a ikarohantse ho Bakene, e leng ditloholo tsa Hobabe, mohwe wa Moshe, a hlomme tente ya hae tlasa sefate sa eike se Saananime, e pela Kedeshe.


Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ