Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:6 - BIBELE

6 Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, Hanune le Baamone ba romela silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene, ho ya hira dikariki tsa ntwa, le bahlabani ba dipere ba tswang Mesopotamia, le Maaka, le Soba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane ba ikentse ba nkgang hampe ho Davida, Hanune le bana ba Ammone ba romela ditalenta tse sekete se le seng tsa silefera ho adima makoloi le bapalami ho Basiria ba Mesopotamia, le ho Basiria ba Maaka le ba Tsoba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”


Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.


Ha Baarame ba Damaseka ba eya ho ya thusetsa Hadade-Esere, kgosi ya Soba, Davida a bolaya banna ba Baarame ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi.


Ha Toi, kgosi ya Hamate, a utlwa kamoo Davida a hlotseng lebotho lohle la Hadade-Esere kgosi ya Soba kateng,


Davida a tsebiswa kamoo banna bao ba entsweng kateng, mme a romela maqosa ho ya ba kgahlanyetsa, hobane banna bao ba ne ba hlabilwe ke dihlong haholo. Yaba kgosi Davida o re ho bona: “Dulang moo Jeriko ho fihlela ditedu tsa lona di hlomela, ebe jwale le a kgutla.”


Akabe, kgosi ya Iseraele, a re ho Jehoshafate, kgosi ya Juda: “Na o tla ya le nna, re futuhele Rama e Gileade?” Jehoshafate a araba, a re ho yena: “Rona le wena re ntho e le nngwe. Setjhaba sa ka ke setjhaba sa hao. Re tla futuha le wena.”


Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.”


Kgosi ya Iseraele, le Jehoshafate, kgosi ya Juda, ba ne ba apere diaparo tsa bona tsa bokgosi, ba dutse diteroneng tsa bona, seotlong se kantle ho kgoro ya motse wa Samaria, mme baporofeta bohle ba porofeta ba le kapele ho bona.


Le naheng ya Iseraele a hira bahlabani ba dikete tse lekgolo ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane.


A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo.


Bohle ba kgelohile, ba senyehile kaofela; ha ho ya etsang tse ntle, ha ho le ya mong.


Tloong, le bohe mesebetsi ya Morena, kamoo a ripitlileng lefatshe kateng.


mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”


“Ya le utlwang o a nkutlwa, ya le hanang o a nkgana, mme ya nkganang o hana ya nthomileng.”


Ka baka leo, ya hanang ditaelo tsena ha a hane motho, empa o hana Modimo, yena ya le neang Moya wa hae o Halalelang.


Baiseraele bohle ha ba utlwa ho thwe Saule o hlotse lebotho la Bafilesita, le hore Bafilesita ba hloile Baiseraele, setjhaba sa phuthehela ho Saule a le Gilegale.


Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.


Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlanka wa ka kamehla yohle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ