Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:3 - BIBELE

3 Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa baholo ba bana ba Ammone ba re ho Hanune: Ha Davida a rometse batshedisi ho wena, hleka o re, ke ka ho hlonepha ntatao na? Ha bahlanka ba hae ba tlile ho wena, na hase ka baka la ho tla qamakisisa motse, le ho timetsa, le ho hlwela naha na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:3
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mahosana a Baamone a re ho Hanune, monga wona: “O bona eka ke hobane Davida a tlotla ntatao ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na hase ho tla hlahloba motse, le ho o hlwela, hore a tle a o hape?”


Yaba Davida o re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, hobane ntatae le yena o ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma maqosa a hae ho isetsa Hanune matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone ho isetsa Hanune matshediso.


Yaba Hanune o tshwara bahlanka ba Davida, o ba beola ditedu, o hahola diaparo tsa bona ka lehare, ho ya fihla dibonong, a nto re ba tsamaye.


Bana ba Dane ba roma banna ba bahlano ba lelapa labo bona, e le bahlabani ba tswang metseng ya Sora le Eshetaole, ho ya hlwela naha, le ho e hlahloba. Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Bao ba ya fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika, mme ba robaletsa teng.


Empa mahosana a Bafilesita a halefela Akishe, a re ho yena: “Mo kgutlisetse moo o mo fileng bokginapere teng, o se ke wa mo dumella a ya le rona ntweng, esere a fetoha lehlabaphiyo ha theko di teana. A ka etsa kgotso jwang le monga hae, haese ka dihlooho tsa banna baa ba rona?


Akishe a araba Davida, a re: “Ke a tseba hore o tshepahala jwaloka lengeloi la Modimo, empa leha ho le jwalo, mahosana a Bafilesita a itse: ‘A se ke a ba a ya ntweng le rona!’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ