Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:2 - BIBELE

2 Yaba Davida o re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, hobane ntatae le yena o ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma maqosa a hae ho isetsa Hanune matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone ho isetsa Hanune matshediso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Davida a re: Ke tla bontsha Hanune, mora Nahashe, mosa wa ka, kahobane le ntatae o kile a mpontsha mosa wa hae. Kahoo, Davida a roma bahlanka ba tle ba mo tshedise bakeng sa ho shwa ha ntatae. Bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya bana ba Ammone ho Hanune, ba re, ba tla mo tshedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a botsa, a re: “Na ho sa na le e mong ya setseng wa ntlo ya Saule, eo nka mo etsetsang molemo ka baka la Jonathane?”


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Ere ho yena: ‘O ikgathaditse haholo ka ho re hlokomela; re ka o etsetsa eng? Na o na le seo re ka o buellang ka sona ho kgosi, kapa ho molaodi wa mabotho?’ ” Mosadi a araba, a re: “Ha ke tletlebiswe ke letho hara setjhaba sena sa heso.”


Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama.


Empa mahosana a Baamone a re ho Hanune: “O bona eka Davida o tlotla ntatao, ha a rometse maqosa ho tla o tshedisa? Na bahlanka ba hae ha ba a tla ho wena moo ho tla hlahloba naha, le ho e hlwela, hore ba tle ba e hape?”


Ka tsatsi leo batho ba ballwa Buka ya Moshe, mme ha fumanwa moo ho ngotsweng hore le ka mohla ho se be le ya mong wa Baamone le wa Bamoabe ya ka dumellwang ho kena phuthehong ya Modimo,


Tobiya wa Moamone, o ne a eme pela hae, mme yena a re: “Lerakonyana lena la majwe, leo ba le hahang, ha phokojwe e ka hlwella hodima lona le ka heleha!”


Ha bo-Sanebalate, le Tobiya, le Maarabia, le Baamone, le Baashedode, ba utlwela hore marako a Jerusalema a ntse a tsoswa, le dikgeo di ntse di thijwa, ba halefa haholo.


Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?” Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!”


Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola.


Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le Maria, ho ba tshedisa ka kgaitsedi ya bona.


Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ