Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:19 - BIBELE

19 Ha bahlabani ba Hadade-Esere ba bona hore Baiseraele ba ba hlotse, ba etsa kgotso le Davida, ya eba bahlanka ba hae. Baarame ba se ke ba hlola ba thusetsa Baamone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Eitse ha bahlanka ba Hadaresere ba bona hoba ba hlotswe ke Baiseraele, ba etsa kgotso le Davida, mme ba mo sebeletsa. Mme Basiria ha ba ka ba hlola ba dumela ho tlatsa bana ba Ammone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamorao ho mona, kgosi ya Baamone ya eshwa, mme Hanune, mora wa yona, a e hlahlama.


Ha dikgosi tsohle tse buswang ke Hadade-Esere di bona hore Baiseraele ba di hlotse, tsa etsa kgotso le bona, tsa ba sebeletsa. Ka baka leo, Baarame ba tshaba ho nna ba thusetsa Baamone.


Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya lebotho la hae. O ne a ena le dikgosi tse mashome a mararo a metso e mmedi, tse nang le dipere le dikariki tsa ntwa. A nyoloha, a futuhela Samaria, a e etsetsa thibella.


Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse.


Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.


Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba dikete tse supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mane. A bolaya le Shofake, molaodi wa mabotho a bona.


Ha selemo se thwasa, e leng nako eo dikgosi di tlwaetseng ho futuha ka yona, Joabe a tswa le mabotho, me a ripitla naha ya Baamone. Kamorao ho moo a ya etsetsa motse wa Raba thibella. Ha e le Davida yena o ne a setse Jerusalema. Joabe a hlola motse wa Raba, mme a o timetsa.


Ke a di hlathaka, di sitwa ho tsoha, di wela tlasa maoto a ka.


O nnamolela meferefereng ya setjhaba, o nketsa mmusi wa ditjhaba; ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ