Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 19:13 - BIBELE

13 Tiisa matla, re lwane ka sebete, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O iphe matla, mme re etseng ka senna sebakeng sa setjhaba sa heso le sa metse ya Modimo wa rona, mme Jehova a ke a etse kamoo a ratang kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 19:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tiisa matla, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona ka sebete. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”


Empa haeba Morena a ka re: ‘Ha o nkgahle,’ bona, ke nna enwa, a nketse seo a bonang se lokile.”


Joabe a re: “Haeba Baarame ba ka nkimela, wena o tla nthusetsa; le nna, ke tla o thusetsa haeba Baamone ba ka o imela.


Jwale Joabe le bahlabani ba neng ba ena le yena ba atamela thekong ya Baarame, mme ditheko tsa kopana. Baarame ba baleha.


Ema ka maoto, hobane tabeng ena boikarabelo ke ba hao, mme re tla o thusa. Tsoha molota, o etse jwalo.”


Yaba ke a qamaka, ke ema kapele ho mahosana, le kapele ho babusi, le kapele ho setjhaba sohle, ke re: “Le se ke la ba tshaba. Hopolang Morena ya matla ya tshabehang, mme le lwanele bana babo lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le basadi ba lona, le matlo a lona.”


Ho tsena tsohle tse etsahetseng, Jobo ha a a ka a etsa sebe, kapa a re Modimo o sebeditse ka mokgwa o sa mo tshwaneleng.


Lebella Morena, o be sebete; tiya pelo, o lebelle Morena.


Fadimehang, tiyang tumelong, emang senna, matlafalang.


Feela tsoha molota, o be sebete, o hlokomele ho phetha molao wohle oo mohlanka wa ka Moshe a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha jwang kapa jwang, e le hore o tle o atlehe hohle moo o yang teng.


Joshua a re ho bona: “Le se ke la tshaba kapa la tsieleha. Le be matla, le be sebete haholo, hobane dira tsa lona tsohle, tseo le di lwantshang, Morena o tla di etsa tjena.”


Empa bana ba Iseraele ba re ho Morena: “Re sitilwe. Wena o re etse eng kapa eng eo o bonang e lokela, ha feela o ka mpa wa re namolela ka letsatsi lena, re a o rapela.”


Davida a re ho Saule: “Ho se be le ya mong ya nyahamang pelo ka baka le Mofilesita enwa. Nna, mohlanka wa hao, ke tla ya, ke yo lwantsha Mofilesita enwa!”


Samuele a mmolella tsohle, a se ke a mo patela letho. Eli a re: “Eo he, ke Morena. Ha a ke a etse seo a bonang se lokile mahlong a hae.”


Matlafalang, lona Bafilesita, le lwane senna, le tle le se ke la ba makgoba a Baheberu, jwalokaha le bona e bile makgoba a lona. Ka baka leo, lwanang senna!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ