Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 18:3 - BIBELE

3 Ha Hadade-Esere, kgosi ya Soba, a ne a ilo hloma puso ya hae pela noka ya Euferatese, Davida a mo hlola Hamate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida a hlola le Hadaresere, morena wa Tsoba pela Hamathe, ha a ne a ya hloma borena ba hae pela noka ya Eufrate;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 18:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo Modimo a etsa selekane le Aborame, a re: “Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena, ho tloha nokaneng ya Egepeta ho isa Nokeng e Kgolo, e leng ya Euferatese;


Ha Baamone ba bona hore ba kgopisitse Davida, ba ya hira Baarame ba ahileng Bete-Rehobe, le ba ahileng Soba. E ne e le banna ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Kgosi ya Maaka yona e ne e ena le banna ba sekete, ha banna ba Tobe bona ba ne ba le dikete tse leshome le metso e mmedi.


Davida a hlola Hadade-Esere, mora wa Rehobe, kgosi ya Soba, ha Hadade-Esere a ne a ilo tsosa puso ya hae pela noka ya Euferatese.


Ahlola Bamoabe, mme Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Davida a hapa dikariki tsa Hadade-Esere tsa ntwa tse sekete, le banna ba dipere ba dikete tse supileng, le ba ditaaso ba dikete tse mashome a mabedi. Dipere tsohle tse hulang dikariki tsa ntwa a di kgaola mesifa, a siya feela tse lekaneng ho hula dikariki tsa ntwa tse lekgolo.


Jwale Solomone a futuhela Hamate-Soba, a e hapa.


Ho kile ha eba le dikgosi tse matla, tse ileng tsa busa Jerusalema le naha yohle e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Di ne di ntshetswa lekgetho, le sethabathaba, le lekgetho la thepa.


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai.


“Ke tla seha meedi ya hao ho tloha Lewatleng la Lehlaka, ho isa Lewatleng la Bafilesita, le ho tloha lehwatateng ho ya fihla Nokeng. Ke tla etsa hore o hlole baahi ba naha eo, mme o tla ba leleka kapele ho wena.


Ka mokgwa ona Saule a nka puso ya Iseraele. A lwantsha dira tsa hae kahohle: A lwantsha Bamoabe, a lwantsha le Baamone, a lwantsha le Edomo, a lwantsha dikgosi tsa Soba, a lwantsha le Bafilesita. Hohle moo a futuhelang teng o ne a hlola.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ