A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.
A ya Jerusalema a ena le phiphitha ya balatedi; ho ena le dikamele tse belesitsweng dinoko, le kgauta e ngata, le mahakwe a bohlokwa. Ha a fihla ho Solomone a mmotsa dipotso tsohle tseo a neng a ena le tsona.
Motho ka mong o ne a mo tlisetsa mpho ya hae: dintho tse entsweng ka silefera le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.
“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.