Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 18:17 - BIBELE

17 Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi ba kgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe; bara ba Davida bona e ne e le ba kapele ho ba bang pela morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 18:17
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.


Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.


Kgosi e ile ya laela bomoprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, hore ba tsamaye le yena. Ba ile ba mo qhanehela mmeile wa kgosi.


Sadoke, mora wa Ahitube, le Abimeleke, mora wa Abiatare, bona ya eba baprista, mme Shafesha yena ya eba mongodi wa puso.


Kamorao ho mona, Nahashe, kgosi ya Baamone, a shwa, mme mora wa hae a mo hlahlama.


Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena.


Petahiya, mora wa Meshesabole, e mong wa ditloholo tsa Sera, mora wa Juda, e ne e le letona la kgosi ditabeng tsohle tse amanang le setjhaba.


Le madimabe lona ba ahileng bopong la lewatle, le madimabe lona tjhaba sa Bakerete! Morena ke yena ya o qosang, wena Kanana, naha ya Bafilesita, ke tla o ripitla, ho be ho hlokwe le masalla.


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ