Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 18:11 - BIBELE

11 Le tsona, kgosi Davida a di kgethela Morena, hammoho le silefera, le kgauta eo a neng a e hapile ditjhabeng tsena tsohle, e leng Baedomo, le Bamoabe, le Baamone, le Bafilesita, le Baamaleke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Morena Davida a di kgethela Jehova, hammoho le silefera le kgauta tseo a neng a di hapile ditjhabeng tsohle, e leng ho Edomo, le Moabe, le bana ba Ammone, le Bafilesta, le Amaleke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 18:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mosebetsi wohle, oo kgosi Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo ntatae Davida a neng a di abetse Morena: silefera, le kgauta, le dijana, mme tsena a di bea hara matlotlo a Tempele ya Morena.


Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.


a romela mora wa hae Hadorame ho Davida, ho ya mo dumedisa, le ho mo lebohela ha a lwantshitse Hadade-Esere, mme a mo hlola, hobane Hadade-Esere o ne a ile a lwantsha Toi hangata. Hadorame a isetsa Davida mefuta yohle ya dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose.


Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.


“Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.


Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang.


“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.


Yaba mosebetsi wohle, oo Solomone a neng a o etsetsa Tempele ya Morena, o a phethwa. Jwale Solomone a kenya dintho tsohle tseo Davida, ntatae, a neng a di abetse Morena, ka matlung a polokelo a Tempele. E ne e le silefera, le kgauta, le dintho tsohle.


‘Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose;


“Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.


Empa ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, ke tsa Morena. Tsona di tla kena letloleng la Morena.”


Motse wona ba o tjhesa ka mollo, le tsohle tse neng di le kahara wona. Ha e le silefera, le kgauta, le dijana tse entsweng ka lethose le ka tshepe, tsona ba di kenya letloleng la ntlo ya Morena.


Jwale Davida a re ho yena: “O wa bafe? O tswa kae?” Yena a re: “Ke mohlankana wa Moegepeta, mme ke lekgoba la Moamaleke. Monga ka o ile a ntshiya maoba, hobane ke ne ke kula.


Bo-Davida ba sheshena mehlape yohle ya dikgutshwane le ya dikgomo tsa Baamaleke, ba e eteletsa kapele ho e neng e hapilwe, yaba ba ntse ba howa, ba re: “Ena ke kgapo ya Davida!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ