Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:6 - BIBELE

6 Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le Baiseraele bohle, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hohle moo ke tsamaileng hammoho le Baiseraele bohle, na nkile ka bolela taba leha e le ho e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke ba laetseng ho disa setjhaba sa ka, ka re: Na ha le nkgahele ntlo ya dikedare keng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:6
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dibakeng tsohle tseo ke tsamaileng ho tsona le bana ba Iseraele, na nkile ka botsa e mong wa baahlodi ba Iseraele, bao ke neng ke ba laele ho disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, ka re: Ke hobaneng ha o sa nkgahela ntlo ya dithupa tsa dikedare?’ ”


‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona; ke ne ke kgethe Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena Modimo wa hao, a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.’ ”


“Ka baka lena, o tle o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Ke ne ke o late motebong, moo o neng o disa dinku teng, hore o tlo ba kgosi ya setjhaba sa ka sa Baiseraele.


Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.


“Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?


O tla ema, a alose mohlape wa hae, a o alose ka matla a tswang ho Morena, ka bitso le tlotlehang la Morena Modimo wa hae. Ba tla phela ba sireletsehile, hobane boholo ba hae bo tla nama, bo namele pheletsong tsa lefatshe.


“ ‘Ha e le wena, Betlelehema, e naheng ya Juda, ha o hlile ha o monyenyane haholo, ha o monyenyane hara batsamaisi ba Juda, hobane ho wena ho tla tswa motsamaisi ya tla alosa Iseraele, setjhaba sa ka.’ ”


ka dilemo tse ka bang makgolo a mane le mashome a mahlano. “Kamora tsena a ba nea baahlodi, ho fihlela mehleng ya moporofeta Samuele.


Ana tempele ya Modimo e ka dumellana ka eng le medimo ya bohata? Rona re tempele ya Modimo ya phelang, jwalokaha Modimo a itse: “Ke tla aha, mme ke phele hara bona, ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”


“Ngolla moruti wa kereke e Efese, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng,


Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ