Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:24 - BIBELE

24 Le yona o ke o e phethahatse, lebitso la hao le tle le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: ‘Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele, ke yena Modimo wa Iseraele.’ Lelapa la Davida, mohlanka wa hao, le ke le tiye kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Le ke le netafale, hore lebitso la hao le tle le tlotliswe kamehla ka ho re, Jehova wa makgotla ke Modimo wa Iseraele, ke Modimo ho Iseraele! Le yona ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ke e tiiswe pela hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Jwale, ka baka leo, Morena, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahatse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.


“Wena, Modimo wa ka, o senoletse mohlanka wa hao hore o tla mo hodisetsa lelapa la hae; ka baka lena, mohlanka wa hao o bile sebete ho o rapela.


o mo utlwe o le leahong la hao le lehodimong. Moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe hore Tempeleng ena eo ke e hahileng, ke moo o kgumamellwang teng.


o tla etsa hore ba o supe ka direthe, o hule seqha sa hao ho ba fula.


Lebitso la hae le tlotlehang le bokwe, le bokwe kamehla le mehla, lefatshe lohle le tlale tlotla ya hae. A ho be jwalo! A ho be jwalo!


Morena Modimo wa rona a ke a be mosa ho rona, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona, e, a atlehise mosebetsi wa matsoho a rona.


“Ka nako eo ke tla ba Modimo, Modimo wa merabe yohle, merabe ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka,” ho rialo Morena.


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


“Ha ho le jwalo, lona rapelang tjena: “ ‘Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao le halaletswe;


Ntate, tlotlisa lebitso la hao!” Yaba ho tswa lentswe lehodimong, le re: “Ke le tlotlisitse, mme ke sa tla le tlotlisa hape.”


Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,


mme maleme wohle a tle a bolele hore “Jesu Kreste ke Morena,” e be tlotliso ho Modimo Ntate.


Empa jwale ba labalabela e nngwe, e lehodimong, e fetang eo ka molemo. Ka baka leo, Modimo ha a dihlong ho bitswa Modimo wa bona, hobane o ba lokiseditse motse.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ya buang a bue tsa Modimo; ya sebeletsang a sebeletse ka matla ao a a filweng ke Modimo; e le hore Modimo a tle a tlotliswe dinthong tsohle ka Jesu Kreste, eo tlotla le matla e leng tsa hae kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ