Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:20 - BIBELE

20 “Oho, Morena, ha ho ya kang wena; ebile hape ha ho Modimo e mong ntle ho wena, ho ya ka tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Oho Jehova, ha ho ya kang wena, ha ho le Modimo haese wena, jwalokaha re ikutlwetse ka tsebe tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:20
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Morena, ka baka la mohlanka wa hao, le ka baka la ho rata ha hao, o entse ntho ena e kgolo, wa etsa hore tsena tsohle tse kgolo di tsejwe.


Ke setjhaba sefe moo lefatsheng, se kang setjhaba sa hao sa Baiseraele, seo Modimo a kileng a ya se lopolla hore e be setjhaba sa hae? O tumisitse lebitso la hao ka ho etsa tse kgolo, tse tshabehang, ka ho hleka matjhaba tseleng ya setjhaba sa hao, seo o se lopolotseng Egepeta.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao.


Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.


Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare.


Wena Morena ya hodimodimo, ya phahametseng lefatshe lohle, o feta medimo yohle hole.


“Morena, ke mang ya kang wena hara medimo? Ke mang ya kang wena, ya tlotlehang ka kgalalelo? Ya tshabehang ka botumo? Ya etsang mehlolo?


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


Faro a re: “E be hosasane!” Moshe a re: “A ho be jwalokaha o bolela, e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang Morena, Modimo wa rona.


Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.


Jwale Modimo le ka mo lekanya le mang? Hona le ka re o tshwana le mang?


“Jwale le ka ntekanya le mang? La re thaka ka yena ke mang?” ho rialo Ya Halalelang.


“Wena Iseraele, o paki ya ka,” ho rialo Morena, “o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, o tle o tsebe, o dumele ho nna, mme o utlwisise hore ke nna Modimo. Ha ho modimo o bopilweng pele ho nna, kapa ha eba le o mong kamorao ho nna.


“Morena, Kgosi ya Iseraele le Molopolli, Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke nna wa pele le wa ho qetela, kantle ho nna ha ho na Modimo.


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


“Ke nna Morena, ha ho na e mong, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ke tla o matlafatsa, le hoja o sa ntsebe,


O kae ya neng a tataise tsoho le letona la Moshe, a le tataisa ka tsoho le tlotlehang la hae; ya neng a arohanye metsi kapele ho bona, a etsa hore bitso la hae le tume kamehla yohle?


Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,


‘Oho, Morena Modimo, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao, le matla a hao. Ke modimo ofe lehodimong kapa lefatsheng, ya ka etsang mesebetsi e tshwanang le ya hao, le diketso tse matla, tse tshwanang le tsa hao?


“Ha ho ya kang Modimo wa Jeshurune, ya kallang mahodimo ho tla le thusetsa, ya tlang ka tlotla ya hae a le hodima maru.


“Le bontshitswe tsena hore le tsebe hore Morena ke yena Modimo, ha ho Modimo e mong kantle ho yena.


“Ka baka leo he, ho tloha ka letsatsi lena tsebang, mme le se ke la lebala hore Morena ke yena Modimo ya hodimo, lehodimong, le ya lefatsheng, katlase ho lefatshe. Ha ho na Modimo e mong.


“Ha ho ya halalelang jwaloka Morena, hobane ha ho e mong kantle ho wena, ha ho mosireletsi ya kang Modimo wa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ