Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:2 - BIBELE

2 Nathane a re ho Davida: “Etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Modimo o na le wena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Nathane a re ho morena: Etsa tsohle tse ka pelong ya hao, hobane Jehova o na le wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:2
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nathane a re ho kgosi: “Tsamaya o yo etsa tsohle tseo o di hopotseng, hobane Morena o na le wena.”


“E ne e le takatso ya Davida, ntate, ho hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele.


Ha Davida a se a dula tlung ya hae, ka letsatsi le leng a re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya selekane sa Morena yona e dula hara masira!”


Hona bosiung boo, lentswe la Modimo la fihla ho Nathane, la re:


Davida a re ho Solomone: “Mora ka, ke ne ke rerile ho hahela Morena Modimo wa ka, Tempele.


Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha.


A ke a hopole dinyehelo tsohle tsa hao, a thabele ditjheso tsa hao.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Mohlang oo banna ba leshome ba dipuo tsohle le ba ditjhaba tsohle ba tla tshwara Mojuda a le mong ka qola ya kobo ya hae, ba re: ‘Ako re re ye le lona, hobane re utlwile hore Modimo o na le lona.’ ”


Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!”


Re tseba ka mokgwa o sa phethahalang, mme re porofeta ka mokgwa o sa phethahalang,


Banna ba Baiseraele ba ngwatha mofao wa baeti, empa ba se ke ba batla keletso ya Morena.


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


Empa Morena a re ho Samuele: “O se ke wa tadima sebopeho sa hae, kapa bophahamo ba seemo sa hae, hobane ha ke mo amohele. Morena ha a tadime jwalokaha motho a tadima. Motho o tadima sebopeho se kantle, athe Morena yena o tadima pelo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ