Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 17:17 - BIBELE

17 Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao, nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, o se o ntadima jwalokaha eka ke motho wa boemo bo phahameng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le taba eo eka e nyenyane pela hao, Modimo; o bile o buile le bakeng sa ntlo ya mohlanka wa hao hodima motsotso o molelele, mme o ntadimile jwalokaha ho tadingwa motho e moholo, wena o leng Modimo Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 17:17
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke o neile moradi wa monga hao, le basadi ba monga hao ke o neile bona. Ke o neile mmuso wa Iseraele, le mmuso wa Juda. Hoja tseo di ne di fokola, nkabe ke o ekeleditse le ho feta moo.


Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna!


Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.


Mahlong a Morena hona ke ntho e nyenyane, hobane Morena o tla neelana ka Bamoabe matsohong a lona.


Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?


“Ekaba Davida a ka hlola a reng ho wena, ha o hlomphile mohlanka wa hao? Ke wena ya tsebang mohlanka wa hao!


Jwale Morena o re: “Ke nthwana e fokolang hore o be mohlanka wa ka, o kgutlise merabe ya Jakobo, o kgutlise bana ba Iseraele bao ke ba babaletseng. Ke tla o etsa lesedi ho baditjhaba, o tlo fihlise ho pholosa ha ka pheletsong tsa lefatshe.”


Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ