Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:42 - BIBELE

42 Bo-Hemane le Jedutune e ne e le bona ba okametseng baletsi ba diterompeta, le ba matlheretlhere, le ba diletsa tse ding, tse neng di letsetswa ho binela Modimo difela. Bara ba Jedutune e ne e le balebedi ba monyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:42
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.


Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa.


Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.


Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ