Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:41 - BIBELE

41 Ba ne ba ena le Hemane le Jedutune, le bohle ba neng ba kgethwe, ba bolelwa ka mabitso, hore ba boke Morena, “hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ba ne ba na le Hemane le Jeduthune le Balevi ba bang ba kgethilweng, ba thontsweng ka mabitso a bona hore ba nne ba rorise Jehova; hobane mohau wa hae ke o sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:41
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba karolo ya morabe wa Manase, ba neng ba thontswe ka mabitso ho tla bea Davida hore e be kgosi, ba ne ba le dikete tse leshome le metso e robedi.


Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.


Bokang Morena, hobane o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Yaba Davida o bea Asafo le bana babo kapele ho areka ya selekane sa Morena, hore ba nne ba sebeletse teng, ho ya kamoo mosebetsi wa letsatsi ka leng o leng kateng.


Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,


Hoba Jehoshafate a rerisane le setjhaba, a kgethela Morena dibini tse neng di tla rorisa Morena di kgabile ka tse halalelang, ha di ntse di eteletsa lebotho pele. Di ne di bina, di re: “Rorisang Morena, hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.


Ha bana ba Iseraele bohle ba bona mollo o theoha lehodimong, le tlotla ya Morena e le hodima Tempele, ba obamela fatshe ka difahleho ba le lebaleng, ba kgumamela Morena, ba mo rorisa, ba re: “Morena o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”


Ba bina ba neeletsana, ka dihlopha tsa bona, ba rorisa, mme ba boka Morena, ba re: “O molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle ho Baiseraele.” Setjhaba sohle, ha se rorisa Morena, sa howeletsa haholo, hobane motheo wa Tempele ya Morena o ne o radilwe.


Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.


Empa mohau wa Morena, ho ba mo tshabang, ke wa kamehla yohle, e se nang qaleho le qetello; le ho loka ha hae ho fihla le ditlohotloholwaneng tsa bona,


Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Haleluja! Bokang Morena, hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Pesalema ya Asafo, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.


Lebaleng le kahare, ho ne ho ena le dikamore tse pedi tsa dibini. E nngwe e ne e le pela kgoro e ka leboya, monyako wa yona o shebile borwa; e nngwe e le pela kgoro e ka borwa, monyako wa yona o shebile leboya.


Jwale Moshe le Arone ba nka banna bana ba boletsweng ka mabitso:


ka mengwaha le mengwaha o mohau ho ba mo tshabang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ