1 Dikronike 16:40 - BIBELE40 hore ba nne ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare ya nyehelo ya setjheso hoseng le mantsiboya; ba etse tsohle tse ngotsweng Molaong wa Morena, oo a neng a o laele Baiserale. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)40 hore ho yona ho nne ho hlahisetswe Jehova ditjheso aletareng ya mahlabelo, hosasa le mantsiboya, ka ho ya ka tsohle tse ngodilweng molaong wa Jehova, oo a o beetseng Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele.