1 Dikronike 16:34 - BIBELE34 Bokang Morena, hobane o molemo, mohau wa hae ke wa kamehla yohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)34 Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.