Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:30 - BIBELE

30 Lefatshe lohle le thothomele kapele ho yena! O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Tlakasela pela hae, wena, lefatshe lohle. Lefatshe le lona le a tiya, ha le sisinyehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:30
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena, ka letsatsi le letsatsi le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.


Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong kapele ho yena le mo nyehelleng, kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang.


Mahodimo a thabe, fatshe le nyakalle, hara matjhaba ho thwe: “Morena ke yena kgosi!”


O ne a bue, mme tsa eba teng; a laela, mme tsa hlaha.


Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile?


Morena ke kgosi, o kgabile ka botlotlehi; matla ke seaparo sa hae le leqhama la hae. O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha.


Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena.


Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.


Morena o bua tjena: “Ka nako ya mohau ke ile ka o araba, ka tsatsi la ho pholoswa ke ile ka o thusa; ka o boloka hore ka wena ke etse selekane le ditjhaba, hore ho tle ho kgutliswe naha, ho ajwe lefa la yona le senyehileng.


Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo.


Yena o bile teng pele ho tsohle, mme tsohle di tlamahantswe ke yena.


Mora o kganya ka tlotla ya Modimo, ke setshwantsho sa boleng ba Modimo, mme tsohle o di boloka ka lentswe la hae le matla. Hoba a re hlwekise dibe, a ya dula ka letsohong le letona la Ya Hodimodimo, mahodimong.


Jwale lengeloi la bosupa la letsa terompeta, mme lehodimong ha utlwahala mantswe a phahameng, a reng: “Puso ya lefatshe e se e le ya Morena wa rona, le ya Mesia wa hae, mme o tla busa kamehla le mehla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ