20 ha ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong ba eya ho o mong,
20 ba ntse ba phanyaphanya hara ditjhaba le mebuso le merabe.
Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.
Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare.
Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.
Ba kganna mehlape ya bona, ba nka le thepa eo ba e sebeditseng ha ba le naheng ya Kanana, ba ya fihla Egepeta, e le Jakobo le bohle ba leloko la hae:
Ha ba ne ba sa le mmalwana, e le baditjhaba naheng eo;
Modimo ha a a ka a dumella motho hore a ba tube, mme ka baka la bona a kgalemela dikgosi.