Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:12 - BIBELE

12 Hopolang mesebetsi e hlollang eo a e entseng, dimakatso tsa hae le kahlolo tsa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hopolang mehlolo eo a e entseng, le meeka ya hae, le dikahlolo tse tswileng molomong wa hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

lona bana ba Iseraele, mohlanka wa hae, lona bana ba Jakobo, mokgethwa wa hae.


Ke yena Morena Modimo wa rona, ke yena ya ahlolang lefatshe lohle.


Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.


O entse hore dimakatso tsa hae di se ke tsa lebalwa; Morena o mosa, o na le kutlwelobohloko.


Ka molomo wa ka ke bolela dikahlolo tsohle tse tswang molomong wa hao.


Morena, wena o lokile, le dikahlolo tsa hao di nepahetse.


Moya wa ka o ngongorehela dikahlolo tsa hao ka nako tsohle.


Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala.


Melao ya Morena e lokile, e hlatswa pelo; taelo ya Morena e hlakile, e edisa mahlo.


Jwale ke re: “Se ntlhabileng ke sena: Letsoho la Ya Hodimodimo le fetohile.”


ha a ne a etsa dipontsho tsa hae Egepeta, le dimakatso tsa hae naheng ya Sowane.


“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


Jwale ka utlwa aletare e re: “E, Morena Modimo ya matla wohle, dikahlolo tsa hao ke tsa nnete, di lokile.”


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ