Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 16:1 - BIBELE

1 Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 16:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Solomone a phaphama, a elellwa hore o ne a ntse a lora. Yaba o ya Jerusalema, o fihla a ema kapele ho areka ya selekane sa Morena, a etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho, mme a etsetsa le matona wohle a hae mokete.


Bo-kgosi Solomone le setjhaba sohle sa Baiseraele, ba etsetsa Morena sehlabelo.


Davida a ikgahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa areka ya Modimo sebaka sa yona, a e hlomela tente.


Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.


Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.


Ha Davida a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa teboho, a hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la Morena.


Bana ke bara ba Levi: Gereshone, le Kohate, le Merari.


Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema.


Tloo, Morena, o ye sebakeng sa hao sa phomolo, wena le areka e bontshang matla a hao.


Sehlabelong sena sa teboho, seo e leng sa setjheso se etsetswang Morena, o tla nyehela ka mafura a yona, le mafura wohle a mohatla o kgaoletsweng nkatapeng, le mohlehlo, le mafura wohle a dikahare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ