Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 15:3 - BIBELE

3 Davida a kgobokanyetsa Baiseraele bohle Jerusalema, hore ba ise areka ya Morena sebakeng seo a e lokiseditseng sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 15:3
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.


Ba tlisa areka ya Morena, ba e bea ditulong tsa yona, bohareng ba tente eo Davida a neng a e hlometse yona. Davida a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.


Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


Yaba o re ho setjhaba sohle sa Iseraele: “Haeba le rata, eba le Morena Modimo wa rona o a rata, a re romeleng molaetsa hohle naheng ya Iseraele, moo bana babo rona ba ahileng teng; re o romele le ho baprista, le ho Balevi ba metseng le metsaneng, hore ba phuthehele kwano.


Yaba Davida o kgobokanya Baiseraele bohle, ho tloha nokeng ya Shihore e Egepeta, ho ya fihla kgorong ya Hamate, hore ba yo lata areka ya Modimo, Kiriate-Jearime.


Davida a ikgahela matlo Motseng wa Davida, a lokisetsa areka ya Modimo sebaka sa yona, a e hlomela tente.


Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.


Baiseraele ba tla le areka ya Modimo, ba e bea bohareng ba tente eo Davida a e hlometseng yona. Ba etsetsa Modimo dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho.


Jwale Solomone a bua le Baiseraele bohle, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le baahlodi, le mahosana wohle a Baiseraele, e leng dihlooho tsa malapa abo bona.


Feela Davida o ne a ile a nyolla areka ya Modimo Kiriate-Jearime, a e isa sebakeng seo a neng a e lokiseditse sona. O ne a e hlometse tente Jerusalema.


Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


A nka matlapa a ngotsweng Molao, a a kenya ka arekeng, a kgwesa mefeng mahlakoreng a areka, mme a bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka.


Ba tlisa kapele ho Tente ya Morena tseo Moshe a ba laetseng tsona. Phutheho yohle ya atamela, mme ya ema kapele ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ